YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 1

1
Modimo o bopa lehodimo le lefatshe
1Tshimolohong Modimo o ne a hlole lehodimo le lefatshe. 2Lefatshe le ne le se na sebopeho, le se na letho; lefifi le ne le aparetse bodiba. Moya wa Modimo o ne o okaokela metsi.
3Modimo a re: “Lesedi le be teng!” Yaba lesedi le ba teng. 4Modimo a bona hore lesedi le letle, mme Modimo a le arohanya le lefifi. 5Modimo a re lesedi ke “motsheare” mme a re lefifi ke “bosiu”. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la pele.
6Yaba Modimo o re: “Loapi le be teng pakeng tsa metsi, ho arohanya metsi ho metsi a mang.” 7Modimo a etsa loapi ho arohanya metsi a kahodimo ho lona le metsi a katlase ho lona. Ha fela ha eba jwalo. 8Modimo a re loapi ke “lehodimo”. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bobedi.
9Jwale Modimo a re: “Metsi a katlase ho lehodimo a bokellane sebakeng se le seng, ho hlahe mobu o ommeng!” Ha fela ha eba jwalo. 10Modimo a re mobu o ommeng ke “lefatshe”, metsi a bokellaneng wona a re ke “mawatle”. Modimo a bona hore hoo ho hotle.
11Modimo a re: “Lefatshe le medise jwang, le ditlama tse nang le peo, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya yona, lefatsheng.” Ha fela ha eba jwalo. 12Lefatshe la medisa jwang, le ditlama tse nang le peo ka mefuta ya tsona, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya yona. Modimo a bona hore hoo ho hotle. 13Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la boraro.
14Yaba Modimo o re: “Loapi la lehodimo le be le mabone, a tle a arohanye motsheare le bosiu, a be a supe dinako tsa selemo, le matsatsi, le dilemo. 15Hape e be mabone a loaping la lehodimo, a bonesang lefatshe.” Ha fela ha eba jwalo. 16Modimo a etsa mabone a mabedi, a maholo; lebone le leholo ya eba le busang motsheare, le lenyenyane ya eba le busang bosiu; mme a etsa le dinaledi. 17Modimo a di bea loaping la lehodimo hore di bonese lefatshe, 18di buse motsheare le bosiu, di arohanye lesedi le lefifi. Modimo a bona hore hoo ho hotle. 19Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bone.
20Jwale Modimo a re: “Metsi a hlahise dibopuwa tse ngata, tse phelang, tse tsamayang ka dikgakgatha; le dinonyana di fofe kahodima lefatshe, loaping la lehodimo.” 21Modimo a hlola dikganyapa tsa ditonanahadi, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata, ka mefuta ya tsona; le dinonyana tse fofang, ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle. 22Modimo a di hlohonolofatsa, a re: “Atang, le ngatafale, le tlale mawatleng; le dinonyana di ngatafale lefatsheng.” 23Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bohlano.
24Yaba Modimo o re: “Lefatshe le hlahise dibopuwa tse phelang, ka mefuta ya tsona: Makgomo, le dihahabi, le diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona.” Ha fela ha eba jwalo. 25Modimo a etsa diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona, le makgomo ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.
26Jwale Modimo a re: “A re etseng motho ka setshwano sa rona le ka sebopeho sa rona, mme a laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le makgomo, le lefatshe lohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe.”
27Yaba Modimo o bopa motho ka setshwano sa hae, o mmopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi.
28Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”
29Modimo a nto re: “Bonang, ke le file meroho yohle e nang le peo, e teng lefatsheng lohle; le difate tsohle tse behang ditholwana tse nang le peo, hore e be dijo tsa lona. 30Le diphoofolo tsohle tse hlaha, le dinonyana tsohle tse fofang, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, le tsohle tse phelang, ke di file ditlama tsohle tse tala, hore e be dijo tsa tsona.” Ha fela ha eba jwalo.
31Jwale Modimo a tadima tsohle tseo a di entseng, mme a bona hore di ntle haholo. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la botshelela.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy